YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 3

3
Puisano ya Jesu le Nikodema.
1Monna e mong wa bafarisi, e leng kgosana ya Bajuda, o ne a le teng, lebitso la hae e le Nikodema. 2A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena. 3Jesu a araba, a re ho yena: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe la bobedi, o sitwa ho bona mmuso wa Modimo. 4Nikodema a re ho yena: Na motho a ka tswalwa jwang ha a se a tsofetse? Na a ka boela a kgutlela popelong ya mmae, a boela a tswalwa? 5Jesu a araba, a re: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo. 6Se tswetsweng ke nama, ke nama; mme se tswetsweng ke Moya, ke moya. 7Se makale, ha ke re ho wena: E ka kgona le tswalwe la bobedi. 8Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng, le moo o yang teng. Ho jwalo le ho bohle ba tswetsweng ke Moya. 9Nikodema a araba, a re ho yena: Tseo di ka etswa jwang na? 10Jesu a araba, a re ho yena: Wena o moruti wa Iseraele, mme ha o tsebe taba tseo! 11Kannetenete ke re ho wena: Re bolela seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng; empa ha le amohele bopaki ba rona. 12Ekare ha ke le bolella tsa lefatshe, mme le sa dumele, na le tla dumela jwang ha ke le bolella tsa lehodimo? 13Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho, ya leng lehodimong. 14Mme jwalokaha Moshe a ne a fanyehe noha feelleng, Mora motho e ka kgona a fanyehwe jwalo; 15hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. 16Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. 17Hobane Modimo o romile Mora wa wona lefatsheng, e seng hore a ahlole lefatshe, empa e le hore lefatshe le bolokwe ke yena. 18Ya dumelang ho yena ha a ahlolwe; empa ya sa dumeleng o se a ahlotswe, kahobane ha a ka a dumela lebitso la Mora Modimo ya tswetsweng a nnotshi. 19Mme kahlolo ke yona ena: Lesedi le tlile lefatsheng, mme batho ba ratile lefifi ho lesedi, kahobane mesebetsi ya bona e ne e le mebe. 20Hobane e mong le e mong ya etsang bobe, o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, mesebetsi ya hae e tle e se ke ya kgalemelwa. 21Empa ya etsang nnete, o tla leseding, mesebetsi ya hae e tle e bonahatswe hore e etseditswe Modimo.
Bopaki bo bong ba Johanne Mokolobetsi.
22Kamora tseo, Jesu a tla lefatsheng la Judea, a ena le barutuwa ba hae, mme a hlola teng le bona, a kolobetsa. 23Johanne le yena o ne a kolobetsa Enone, haufi le Salime, kahobane metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla teng, ba kolobetswa. 24Hobane Johanne o ne a eso ho kenngwe teronkong.
25Yaba ho hlaha kgang ka taba ya phekolo mahareng a barutuwa ba Johanne le Mojuda e mong. 26Ba ya ho Johanne, ba re ho yena: Rabbi, ya neng a na le wena mose wane wa Jordane, eo o neng o mo pake, bona, ke enwa o a kolobetsa, mme bohle ba ya ho yena. 27Johanne a araba, a re: Motho o sitwa ho nka letho, ha a sa le newe ke lehodimo. 28Ke lona ka sebele le leng dipaki tsa ka tsa hobane ke boletse, ka re: Hase nna Kreste, ke mpa ke romilwe ho mo etella pele. 29Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile. 30E ka kgona yena a hole, mme nna ke bobe. 31Ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle, ya tswang lefatsheng ke wa lefatshe, mme o bua e le wa lefatshe; ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle. 32Seo a se boneng, le seo a se utlwileng, o a se paka; empa ha ho motho ya amohelang bopaki ba hae. 33Ya amohetseng bopaki ba hae, o tiisitse hore Modimo ke wa nnete. 34Hobane ya romilweng ke Modimo o bolela mantswe a Modimo, hobane Modimo ha o mo nee Moya ka tekanyo. 35Ntate o rata Mora, mme o mo neile dintho tsohle matsohong. 36Ya dumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; mme ya sa dumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Modimo bo sala hodima hae.

Currently Selected:

JOHANNE 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy